Under Maintenance!

Media

News & Events

on Jan 01, 1970 00:00

Selelekela


Kamorao hore Lekhotla la Matona le fane ka tumello ea hore tsebeletso ea Salary Advance ho bahlanka ba Muso e tsosolosoe, ke motlotlo ho hlalosa hore re mothating oa ho qala ts’ebetso e joalo.


Salary Advance ke tsébeletso eo muso ka Lekala la Likhokahanyo le Mahlale le alimang bahlanka moputso oa bona oa khoeli habeli. Tsebeletso ena e tla qala hape ho sebetsa ka Hlakola 2022.


Ho alingoa bahlanka ba latelang;



  1. Bangoli ba baholo ba Makala bao tumellano ea tsébetso ea bona e saletsoeng ke selemo e ntse e le nakong

  2. Bahlanka ka ho hlahlamana ka mekhahlelo ea bona ho fihlela oa ho qetela joalo-joalo


Tse hlokahalang hore Mohlanka a tle a lumelloe ho alima



  1. A be le nako ea lilemo tse peli a hiriloe ka molao.

  2. Mohlanka ea lilemo li 50 ho ea holimo eena kopo ea hae e qhoaelloa lengolo la Mohiri (Human Resource) le bontsáng hore o ntse a le mosebetsing

  3. Payslip e etellang pele nako eo mohlanka a tlo fuoa chelete ka eona (payslip ea mafelo a January e tla sebelisoa ho alima chelete ka February)

  4. Bonyane moputso o sallang mohlanka ha ho ntsítsoe likoloto (net Pay) o lekane karolo ea 20 lekholong (20%)

  5. Kopo e qhoaelloe bopaki bo tsoang bankeng ho netefatsa BANK ACCOUNT


Tsoala (Interest)


Kalimo e tla lefelloa tsoala (eona e kopanyoa hanngoe fela) ea karolo ea 10 lekholong (10%), mohlanka o tla lefa khoeli le khoeli nako ea likhoeli tse leshome le metso e ‘meli kapa ka tlase ho moo.


Mokopi o tla lefella hape tsébeletso (Admin fee) ena ka karolo ea 0.75 lekholong ea chelete e kalingoang


Bahlanka ba Makala batla mengoa phuthehong e tlo tsóhla lintlha ka kakaretso malebana le ts’ebeletso ena.


Boipiletso


Ke tebello ea ka hore bahlanka batla imona menoana ho nts’etsa bophelo ba bona pele molemong oa malapa a bona. 


 


Khotso!     Pula!    Nala!